Phatlalatso e Kgutshwanyane ya Dipotso tsa APRM
SEPHEO
POTSO
Karolo ya 1: Demokerasi le Puso e Ntle ya Sepolotiki
Ho thibela le ho fokotsa dikgohlano tsa ka hara naha le tse pakeng tsa dinaha tse fapaneng
Ho ntshetsa pele Demokerasi ya Molao wa Motheo, ho kenyelletswa tlhodisano ya nako le nako ya dipolotiki le monyetla wa ho ikgethela, tshebediso ya molao, ditokelo tsa baahi ba naha le bophahamo ba Molao wa Motheo.
Ke eng e lokileng le sa lokang ka mokgwatshebetso wa rona wa dipolotiki?
Na dibopeho le diforamo tse teng tse entsweng ke mmuso di dumella hore ho be le ho Kenya letsoho demokerasing?
Ho ntshetsa pele le ho sireletsa ditokelo tsa moruo, phedisano le ditokelo tsa setso, ditokelo tsa boahi le tsa dipolotiki jwalo ka ha di kenyelleditswe ditokomaneng tsa ditokelo tsa botho tsa Afrika le tsa matjhaba
Ditokelo tsa Botho
Ditokelo tsa Phedisano le Moruo
Ditokelo tsa Setho
Baahi ba Afrika Borwa ba sbedisa ditokelo tsena ho le hokae?
Ho phahamisa karohano ya taolo, ho kenyelletswa le ho sireletsa boikemelo ba tshebetso tsa toka le makgotla a ketsamelao a sebetsang hantle haholo
Baetsi ba molao le baahlodi ba ka lehlakoreng lefe?
Nare na le bonnete bah ore ho na le toka hohle?
Ho etsa bonnete ba hore ho ba le batshwari ba ditulo le basebeletsi ba mmuso ba nang le boikarabelo, mme ba sebetsang hantle haholo.
Mmuso o sebetsa hantle ho le hokae?
Batho ba sebetsang ho ona?
Ho lwantsha bobodu dipolotiking.
Boemo ba bobodu ke bofe dipolotiking?
Ho etsweng ka bona?
Ho ntshetsa pele le ho sireletsa ditokelo tsa basadi
Na basadi ba thuswa ka tshehetso e lekaneng eo ba e hlokang ho lokoloha?
Ho ntshetsa pele le ho sireletsa ditokelo tsa bana le batjha
Bana ba bolokehile ho le hokae?
Ho ntshetsa pele le ho sireletsa ditokelo tsa dihlopha tse sa sireletsehang ho kenyelletswa le batho ba hlokang moo ba dulang le baphaphathehi.
Baphapahthehi le batho ba hlokang matlo ba tshwerwe hantle na?
Le batho ba holofetseng?
Karolo ya 2: Puso le Taolo ya Moruo
Ho kgothaletsa maano a moruo o moholo a tshehetsang ntshetsopele e tswellang
Moruo o laolwa ho le hokae?
Ho kenya tshebetsong maano a moruo a sebeletsang pepeneneng hape a ka bonwang pele ho nako.
Mmuso o hokahanya mesebetsi ya ona ho le hokae?
Ho kgothaletsa tsamaiso e phethahetseng ya ditjhelete tsa mmuso
Mmuso o laola ditjhelete tsa ona ho le hokae?
Ho lwantsha bobodu le tshebediso ya ditjhelete ka tsela e sa lokang
O nagwa ke bobodu ho le hokae Mmusong?
Ho potlakisa nyalano ya lebatowa ka ho Kenya letsoho ho kopanyeng maano a tjhelete, kgwebo le dipeeletso.
Na re etsa hantle ka ho hweba le ho sebetsa haholo le dinaha tsa Afrika?
SEPHEO
POTSO
Karolo ya 3: Taolo ya Dikhampane
Ho ntshetsa pele tikoloho e tla etsa hore ho be le bokgoni le moralo o sebetsang hantle wa taolo bakeng sa ditshebetso tsa moruo
Ho bonolo ho le hokae hweba Afrika Borwa?
Ho etsa bonnete ba hore dikhampani di sebetsa jwalo ka mekga e hlwahlwa ya ka hara naha mabapi le ditokelo tsa botho, boikarabelo setjhabeng le ho ba le tikoloho e nang le tswelopele
Na dikhampane tse kgolo di hlompha batho le setjhaba?
Bahiri ba hlompha basebeletsi ho le hokae?
Ho ntshetsa pele ho amohelwa ha dikhoutu tsa boitshwaro bo botle kgwebong ka ho fihlela maikemisetso a khampane.
Na dikhampane tse kgolo di sebetsa ka botshepehi le ka ntle ho leeme ka hara naha?
Ho hlophisetsa boikarabelo ba dikhampane, balaodi le bahlanka.
elao le melawana e sebetsa hantle ho le hokae ho laola ka moo molao wa dikhampane o sebetsang ka teng?
Karolo ya 4: Ntshetsopele ya Moruo le Phedisano
Ho ntshetsa pele boitshepo le tswelopele kahong ya bokgoni bakeng sa ntshetsopele e tla kgona ho tswella ka boyona.
Re fumana menahano ya rona hokae ka bokamoso ba rona?
Ho potlakisa ntshetsopele ya Moruo le Phedisano bakeng sa ho fihlela ntshetsopele e tswellang le ho qeta bofuma.
Na re sebetsa hantle ka ho fedisa bofuma?
Ho matlafatsa mekgwa ya matlafatso ya maano a ho thusa le diphetho dibakeng tsa bohlokwa tsa phedisano ho kenyelletswa le thuto le ho lwantsha HIV/AIDS le mafu a mang a tshwaetsang. Ho etsa bonnete ba hore baahi bohle ba naha haholoholo ba dibakeng tsa mahaeng ba kgona ho fihlela metsi, tsamaiso ya dikgwerekgwere, matla, ditjhelete, mebaraka, ICT, bodulo le naha ha bonolo.
Mmuso o thusa ho le hokae, haholoholo ditshebeletso tsa bohlokwa tse jwalo ka metsi?
Ho kgothaletsa ho ba le seabo ka mokgwa o batsi ntshetsopeleng ke bathahaselli bohle ba leng maemong ohle.
Maikutlo a hao a amohelwa haholo ho le hokae ke ba ka sehloohong?
